Bukana ya Kgakollo ya mesebetsi ya, le lenane la direkoto tse bolokilweng ke
Lefapha la Naha la Matlo
E hlophisitswe ho ya ka
Karolo 14 (Lekala la Mmuso) la
Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding (PAIA), No 2 wa 2000
DIKAHARE
Ditema, mareo le ditlhaloso tsa Molao [Kgaolo 1 Diqaqiso le Ditlhaloso] 1
Tataiso ya Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya mokgwatshebediso ya Molao Karolo 141c 3
Ofisiri ya Tlhahisoleseding, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding Karolo 141b 4
Sebopeho le mesebetsi ya Lefapha la Naha la Matlo Karolo 141f 5
Mesebetsi ya Lefapha la Naha la Matlo 6
Pono le boromuwa ba Lefapha la Naha la Matlo 6
Ditshebeletso tse ka fumanwang ke naha ho Lefapha la Naha la Matlo Karolo 141f 7
Ditlhophiso/dithuso tse dumellang motho ho ba le seabo kahong ya leano le/kapa tshebediso ya matla a Lefapha la Naha la Matlo Karolo 141g 8
Direkoto tsa Lefapha la Naha la Matlo Karolo 141d-e 9
Pepeso e iketsahallang ya direkoto Karolo 141e Karolo152 9
Mefuta ya direkoto tse ka fumanehang tse kotjwang ka PAIA Karolo 14 1d 12
Ditefiso tse balletsweng (Makala a Puso) 15
Mabaka a ho hanela phihlello ho direkoto [Kgaolo 4 ya Molao] 17
Ditokiso tse fumanehang kgahlanong le qeto ya Ofisiri ya Tlhahisoleseding Karolo 141h 18
Boipiletso ba ka Hare le Dikopo ho Lekgotla [Karolo 74-82] 18
Mekgwa ya tshebetso ya Boipiletso ba ka Hare [Karolo 74-77] 19
Mekgwa ya tshebetso ya Kopo ho Lekgotla [Karolo 78-82] 20
Dipelaelo ho Mosireletsi wa Naha [Karolo 91] 21
Ntjhafatso ya Bukana ya Kgakollo Karolo 142 21
Ho fumaneha le Puo ya Bukana ya Kgakollo Karolo 141 le 3 21
Kopo ho Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ya ho ngola Bukana ya Kgakollo Karolo 144 24
Tesello ya Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo Karolo 145 24
Sehlomathiso A :Lefapha la Naha la Matlo (Lekala la Puso) Foromo ya Kopo ya ho Fihlella ho Direkoto tsa PAIA 25
Sehlomathiso B : Lefapha la Naha la Matlo: Foromo ya PAIA ya Tsebiso ya Boipiletso ba ka Hare 31
Ditema, mareo le ditlhaloso tsa Molao [Kgaolo 1 Diqaqiso le Ditlhaloso]
Ditema le Mareo
Diqaqiso/Ditlhaloso
Ofisiri ya Tlhahisoleseding
Malebana le Lefapha la Naha la Matlo ke Molaodi-Kakaretso.
Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya Lefapha la Naha la Matlo e ka nehela matla kapa mosebetsi o matleng kapa o rwesitsweng Ofisiri eo ya Tlhahisoleseding ka Molao ona ho motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa lefapha.
Nehelano efe kapa efe ya matla:
E lokela ho ba e ngotsweng;
Ha e thibele motho ya entseng nehelano ya matla ho sebedisa matla a bolelwang kapa ho etsa mosebetsi o boletsweng ka boyena; le hore
E ka hulwa ka nako efe kapa efe kapa ya fetolwa ka ho ngolwa ke motho eo.
Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding
Molaodi-Kakaretso wa Matlo o lokela ho thonya palo e itseng ya batho ho ya ka tlhokahalo ho ba Batlatsi ba Ofisiri ya Tlhahisoleseding ho etsa hore Lefapha la Naha la Matlo le fihlellehe ho ya ka moo ho kgonehang ho bakgatiso ba direkoto tsa lona.
Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya Lefapha la Naha la Matlo e na le matla a tataiso le taolo ya motlatsi wa ofisiri ya tlhahisoleseding efe kapa efe ya lefapha.
Tlhahisoleseding ka bowena? e bolela tlhahisoleseding mabapi le motho ya ka tsebisahalang, ho kenyeletsa, empa ho sa fella ho:
Tlhahisoleseding mabapi le botjhaba, bong, botona kapa botshehadi, ho ithwala, maemo a lenyalo, boahi, morabe kapa setso sa bodulo, mmala, ditlwaelo tsa bong, bodumedi, maikutlo, tumelo, setso, puo le tlhaho ya motho;
Tlhahisoleseding malebana le histori ya thuto kapa bongaka, tlolomolao kapa mosebetsi wa motho, kapa tlhahisoleseding malebana le dithekisetsano ka ditjhelete tseo motho a bileng le tsona;
Nomoro efe kapa efe ya boitsebiso, letshwao kapa bo bong boikgetho bo nehwang motho;
Aterese, dikgatiso tsa menwana kapa mofuta wa madi a motho;
Maikutlo a bowena, maikutlo kapa dikgetho tsa motho, ntle le moo di leng malebana le motho e mong kapa mabapi le kopo ya tshehetso, moputso kapa kgau e lokelang ho nehelwa motho e mong;
Ngollano e rometsweng ke motho e sa tobang kapa e tobileng e le ya boleng ba sephiri, kapa ngollano e tswelang pele e hlahisang dikahare tsa ngollano ya sethatho;
Dipono kapa maikutlo a motho e mong ka motho;
Dipono kapa maikutlo a motho e mong ka kopo ya tshehetso, moputso kapa kgau e tla nehwa motho, empa e siella lebitso la motho e mong moo le hlahang le dipono kapa maikutlo a motho e mong; le
Lebitso la motho moo le hlahang le tlhahisoleseding ka boyena mabapi le motho, kapa moo pepeso ya lebitso ka bolona le ka hlahisang tlhahisoleseding ka motho, empa le siella tlhahisoleseding ka motho ya hlokahetseng nakong e fetang dilemo tse 20.
Motho ofe kapa ofe ya etsang kopo ya ho fihlella direkoto tsa Lefapha la Naha la Matlo; kapa
Makala feela a naha a sebedisang matla a ona a puso kapa a phethang mosebetsi wa naha ho ya ka ditaelo tsa molao.
Mokga wa Boraro
Mabapi le kopo ya phihlello ho rekoto ya Lefapha la Naha la Matlo, mokga wa boraro o bolela:
Motho ofe kapa ofe (ho kenyeletsa le, empa ho sa felle ho, mmuso wa naha ya baditjhaba, mokgatlo wa matjhaba kapa lekala la puso eo kapa mokgatlo) ntle ho:
Lefapha la Naha la Matlo;
Empa ho ya ka maikemisetso a dikarolo tsa 34 tsa Molao, ho lebisa ho ?motho? ditemaneng (a) le (b) ho ?lokela ho nkuwa ho lebisa ho motho ya phelang?.
Bolaodi bo Tshwanelehileng
Mabapi le Lefapha la Naha la Matlo, Bolaodi bo Tshwanelehileng bo bolela Letona le nang le boikarabelo ba Lefapha la Naha la Matlo kapa motho ya thontsweng ka ho ngola ke Letona leo.
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho
E bolela Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa eo ho lebiswang ho yona karolong ya 181 (b) ya Molao wa Motheo.
Rekoto
Malebana le Lefapha la Naha la Matlo, rekoto e bolela tlhahisoleseding efe kapa efe e bolokilweng ka rekoto:
Ho sa tsotellehe mokgwa kapa mofuta wa poloko;
E tshwerweng kapa e tlasa taolo ya lekala la puso; le
Ebang e ne e qapilwe kapa e sa qatjwa ke lekala la puso.
Matsatsi
Ha palo efe kapa efe e kgethehileng ya matsatsi e balletswe bakeng sa ho etsa tshebetso efe kapa efe, kapa bakeng sa sepheo sefe kapa sefe se seng, hono ho tla balwa ho sa kenngwa letsatsi la ho qala mme ho kenyeletswa letsatsi la ho qetela, ntle le ha letsatsi la ho qetela le wela ho la Sontaha kapa letsatsi lefe kapa lefe la phomolo ya naha, mme maemong ao nako e tla balwa ho sa kenngwa letsatsi la ho qala mme ebile ho sa kenngwa Sontaha se seng le se seng kapa letsatsi la phomolo ya naha.?
Tlhaloso ya Molao, Molao No 33 wa 1957. Karolo 4 "Ho bala palo ya matsatsi"
Matsatsi a Mosebetsi
A bolela matsatsi afe kapa afe ntle le ho Meqebelo, Disontaha kapa Matsatsi a Phomolo ya naha, jwalo ka ha ho hlalositswe ho Karolo 1 ya Molao wa Matsatsi a Phomolo ya Naha, 1994 (Molao No 36 wa 1994)
Selelekela
Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding (PAIA), Molao 2 wa 200 (oo ka mora mona o tlang ho bitswa Molao) o kene tshebetsong mohla la 9 Hlakubele 2001, o hlahisa bohlokwa ba phihlello ya tlhahisoleseding bakeng sa naha se amohelehang, sa demokerasi le se bonaletsang. Molao o neha mokgwa wa taolo ho karolo 32 ya Bili ya Ditokelo tsa Molao wa Motheo mme o tshwanela ho hlaloswa jwalo ka molao o phethahatsang tokelo ya molao wa motheo. Tokelo ena e re:
Motho e mong le e mong o na le tokelo ya ho fihlella ho:
a Tlhahisoleseding efe kapa efe e bolokilweng ke mmuso; le b Tlhahisoleseding efe kapa efe e bolokilweng ke motho e mong mme e hlokwang bakeng sa tshebediso ya ditokelo dife kapa dife.
Molao wa Naha o lokela ho etsuwa ho neha phethahatso ya tokelo ena mme o ka nehelana ka dikgato tse amohelehileng tsa ho fokotsa morwalo wa tsamaiso le ditjhelete tsa mmuso.
Ka hoo maikemisetso a PAIA ke:
Ke ho phethahatsa tokelo ya molao wa motheo ya ho fihlella le efe tlhahisoleseding e boletsweng ka hodimo;
Ho beha meedi a nang le toka ho tokelo ya ho fihlella tlhahisoleseding e reretsweng ho sireletsa diphiri tsa batho, tlhahisoleseding e sephiri ya tsa kgwebo le ho etsa bonnete ba puso e ntle e nang le katleho;
Ho lekalekanya phihlello e nepahetseng ya tlhahisoleseding mmoho le ditokelo tsohle tse ding tsa molao wa motheo;
Ho kgothaletsa tlwaelo ya ditokelo tsa botho le toka ya bodulo;
Ho thea mekgwa le ditshebetso tse etsang hore batho ba fihlelle ho direkoto ka potlako, ntle ho ditshenyehelo tse kgolo le ka mokgwa o bobebe ho ya ka moo ho kgonehang;
Ho kgothaletsa ho bonaletsa, boikarabelo le puso ka katleho;
Ho matlafatsa le ho ruta bohle ho:
Utlwisisa ditokelo tsa bona ho ya ka Molao;
Utlwisisa mesebetsi le tsamaiso ya makala a puso; le
Shebisisa ka katleho le ho ba le seabo phihlellong ya diqeto ke makala a puso a amang ditokelo tsa bona.
Molao ona o phametse e meng Melao le Melawana e thibelang phihlello ho direkoto ntle ho maemo a latelang (Karolo 5, 6, 12):
Molao 107 wa 1998, Molao wa Naha wa Taolo ya Tikoloho, 1998, Karolo 311 le 312;
Direkoto tsohle tsa Khabinete le tsa dikomiti tsa yona, mesebetsi ya molao ya lekgotla, baahlodi ba ikgethang, kapa ofisiri ya molao kapa setho se ikemetseng sa Palamente kapa Ketsamolao ya Provense.
Tataiso ya Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya mokgwa wa ho sebedisa Molao Karolo 141c
HLOKOMELA: Bukana ya Kgakollo ha e nkele Molao sebaka mme e lokela ho balwa ka ho bapa le Molao le Melawana.
Ke boikarabelo ba Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa ho etsa tataiso, ka mokgwa le sebopeho se bobebe se utlwisisehang, ho latela tlhoko ya motho ya lakatsang ho sebedisa tokelo efe kapa efe e bolelwang ke Molao.
Tataiso ena e tla fumaneha ka dipuo tsohle tse molaong mme e tla fumaneha ho Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa ho sa feta Phato wa 2003.
Dipotso dife kapa dife mabapi le tataiso ena di romelwe ho:
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa
Nomoro ya Fonofono:
Nomoro ya Fekese:
Aterese ya Ngollano ya elek:
Aterese ya Poso:
Aterese ya Mmila:
JOHANNESBURG
Bukana ya Kgakollo ya Lefapha la Naha la Matlo
Sepheo sa bukana ena ya kgakollo ke ho tsebisa motho mokgwa wa ho fihlella direkoto tse bolokuweng ke Lefapha la Naha la Matlo, ho neha sephetho ho Karolo 14 wa Molao.
HLOKOMELA: Bukana ena ya Kgakollo e emetse feela Lefapha la Naha la Matlo mme ha e kenyeletse tlhahisoleseding le/kapa direkoto tsa Mafapha a Diprovense tse fapaneng.
Ofisiri ya Tlhahisoleseding, Batlatsi ba Ofisiri ya Tlhahisoleseding Karolo 141b
Molaodi-Kakaretso wa Lefapha la Naha la Matlo ho ya ka Molao ke Ofisiri ya Tlhahisoleseding mme o nehelane ka matla le mesebetsi ya hae ka ho thonya diofisiri tse latelang ho sebetsa jwalo ka Ofisiri ya Tlhahisoleseding le Batlatsi ba Ofisiri ya Tlhahisoleseding ka ho hlahlamana:
Batlatsi ba Ofisiri ya Tlhahisoleseding
Mong Johan Minnie (Motlatsi wa Sehlooho wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding)
Moemedi wa Molao (o sa ntsane a tla bolelwa)
Fonofono:
Sele:
Fekese:
Aterese ya Ngollano ya elek:
Aterese ya Poso:
Lefapha la Naha la Matlo
Aterese ya Mmila:
Dihora tsa Ofisi:
Dihora tsa Kamohelo ya Tjhelete:
Sebopeho le mesebetsi ya Lefapha la Naha la Matlo Karolo 141f
Sebopeho sa Lefapha la Naha la Matlo
Mesebetsi ya Lefapha la Naha la Matlo
Pono le boromuwa ba Lefapha la Naha la Matlo
Pono
Naha se matlong a tsitsitseng a bodulo sa batho ba nang le phihlello ho disebediswa tsa ho sebetsa tsa bodulo le moruo (Tokomane ya Morero wa Ditlhophiso, le ha e eso amohelwe).
Boromuwa
Ho thea le ho hlophisetsa tshebetso e tswellang e nehelanang ka phihlello e lekanang ya matlo a lekaneng bakeng sa bohle maemong a matlo le ditshebeletso tse fihlellehang le phihlello ho dithuso tsa bodulo le moruo (Tokomane ya Morero wa Ditlhophiso, le ha e eso amohelwe).
Maikemisetso
Lefapha la Matlo le ikemiseditse ho phethisa maikemisetso a latelang a boleng bo hodimo ka tlhophiso ho tsamaelana le boromuwa: (Tokomane ya Morero wa Ditlhophiso, le ha e eso amohelwe).
Ho ntlafatsa katleho ya tshebeletso yohle le ho ba lefapha le fetohileng, le tlwaetseng tshebetso,
Ho ba le pono le maikemisetso a hlophisitsweng a tshwanelanang ka dinako tsohle le ditlamo tsa dipolotiki le tikoloho ya matlo.
Ho tataisa ka ponelopele leano la ntshetsopele le tjhadimobotjha ya matlo ka tlhophollo e nepisang ya tikoloho ya matlo.
Ho ba balaodi ba pele tlhahisoleseding ya matlo le ho dudisa batho hara naha le ho nehelana ka phihlello ho tlhahisoleseding e potlakileng le e bobebe ka dinako tsohle.
Ditema le mesebetsi ya Lefapha la Naha la Matlo
Tema e matla ya mmuso wa naha ke ?ho thea le ho hlophisetsa tshebetso ya ntshetsopele e tswellang ya matlo? ka mora ho eletsana le Matona a robong a Matlo, le mokgatlo wa naha o emetseng bomasepala (Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Mmuso wa Lehae SALGA).
a. Mesebetsi ka bophara e hlalositswe Khoudung ya Matlo
Hore ho kgonehe ho hlophisetsa le ho thea tshebetso ya ntshetsopele ya matlo, mmuso wa naha ka ho sebetsa ka Letona la Matlo, o lokela ho phetha mesebetsi e sehlopha ya bohlokwa. Mesebetsi ena ke e latelang:
Leano: Ho etsa qeto ka leano la naha, ho kenyeletsa mekgwa le maemo mabapi le ntshetsopele ya matlo;
Maikemisetso: Ho thea maikemisetso a batsi a naha a phumantsho ya matlo; mme moo ho lokelang, o hlophisetse maemo a maikemisetso a masepala, a phumantsho ya matlo;
Ho lekola mosebetsi: Ho lekola mosebetsi wa lekala la matlo mabapi le maikemisetso a phumantsho ya matlo le diponahatso tsa tshebetso, ka ho sebetsa mmoho le Letona la Provense ka leng;
Tshehetso ya matlafatso:
a. Le thusa diprovense ho ntshetsa pele matla a tsona a tsamaiso;
b. Le tshehetsa le ho matlafatsa matla a bomasepala a ho laola ditaba tsa bona ho sebedisa matla a bona le ho phetha mesebetsi ya bona mabapi le ntshetsopele ya matlo;
Ho eletsana: Ho kgothaletsa ho eletsana mererong e tobaneng le ntshetsopele ya matlo dipakeng tsa mmuso wa naha le baemedi ba baahi, makala le makala a nehelanang kapa a ntshang tjhelete ya thepa ya matlo le ditshebeletso, mmuso wa provense le bomasepala le bafe kapa bafe ba nang la kabelo tswelopeleng ya matlo;
Dikgokahano: O kgothaletsa dikgokahano tse nang le katleho mabapi le ntshetsopele ya matlo"
b. Mesebetsi
Ho eketsa ho mesebetsi e batsi e ka hodimo mmoho le ho e tshehetsa, Letona la Matlo le etsa tse latelang:
Ho hlomamisa metheo ya naha le sebopeho sa letlole la ntshetsopele ya matlo;
Ho buella karolelo ya kabo ya ditjhelete ya Mmuso bakeng sa ntshetsopele ya matlo;
Ho aba ditjhelete tsa ditshebetso tsa matlo tsa naha ho mebuso ya diprovense;
Ho lokisa le ho boloka moralo wa dilemo tsohle wa ntshetsopele ya matlo;
Ho hlomamisa le ho nehelana ka tjhelete ho metheo ya naha bakeng sa ntshetsopele ya matlo;
Ho hlahloba mosebetsi wa lekala la matlo; le
Ho nka mehato e hlokehang ho bopa tikoloho e kgothaletsang hore bohle ba nang le kabelo le batho ba ikemetseng ba fihlelle maikemisetso a bona ka ho fapana mabapi le ntshetsopele ya matlo.
Ditshebeletso tse ka fumanwang ke naha ho Lefapha la Naha la Matlo Karolo 141f
Tshebeletso e matla eo lefapha le nehelanang ka yona ke ho hlomamisa le ho boloka leano le sebopeho sa molao se hlokwang ho lokisetsa tshebetso e tswellang ya ntshetsopele ya matlo. Sepheo sena se fihlelletse tsullung tlhahisong ya Molao wa Matlo, 1997 (Molao No 107 wa 1997), tlhophisetso e tobileng ho sebopeho sa metheo le Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo tse laolang le ho tsamaisa thuso ya Mmuso ya matlo le ditshebetso tsa tshehetso. Lefapha le hlophisetsa karolelo ya selemo ya kabelo ya matlo pakeng tsa mebuso ya diprovense tse robong bakeng sa phethahatso le ho nehelana ka tjhelete ho Ditshebetso tsa Matlo tsa Diprovense tse tsamaelanang le Leano la Naha la Matlo.
Ntshetsopele ya matlo e sebetsa tlasa taolo e bopehileng le e radilweng mme e phethahatswe ke mebuso ya provense le ya bomasepala. Matla a ho etsa diqeto mabapi le Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo a diatleng tsa ditho tsa Makgotla a Phethahatso a nang le boikarablo ba matlo mebusong ya diprovense tse robong.
Bomasepala ba ka kopa le ho Setho sa Lekgotla la Phethahatso (MEC) ho nehwa matla a ho laola Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo le, ha ho hlokeha, ho nka matla a ho etsa diqeto mabapi le Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo.
Ho eketsa ho tema ya mebuso ya provense le bomasepala mabapi le ntshetsopele ya matlo, mmuso o hlomamisitse metheo e latelang ya naha ho lokisetsa matlo a ikgethang le ditlhoko tsa mmaraka tse tsamaelanang le matlo:
NHBRC e na le boikarabelo ba ho sireletsa batho ba ahelwang matlo ka ho nehelana ka tiiso ya tshireletso kgahlanong le dipha matlong a matjha. Ebile e laola indasteri ya ho haha ka ho hlophisetsa ngodiso ya diahi ho NHBRC le ho laola mekgwa le maemo a botekginiki bakeng sa kaho ya matlo ka sepheo sa ho ntlafatsa boleng molemong wa ba ahelwang. Matlo ohle a ahwang a lokela ho ngodiswa ho NHBRC, mme mokgatlo o tla nehelana ka ditshebeletso tse ikgethang ho indasteri le ba ahelwang matlo.
NURCHA e na le boikarabelo bo matla ba ho nehelana ka ditiiso tsa tjhelete ya tlatsetso ho dikontraka, ditiiso ho bakadimi ba tjhelete ho thusa batho ba meputso e tlase ho fihlella kadimo ya tjhelete ya ntlo, le dinehelo tsa matlafatso ho metse ho lokisetsa ntshetsopele ya motse. Motheo hape o na le boikarabelo ba mokgwa wa naha wa ho boloka tjhelete e thusang batho ba fumanang meputso e tlase ho boloka tjhelete ka sepheo sa ho qadisa letlole la bona la tshebetso ya matlo
Koporasi ya Naha ya Tjhelete ya Matlo (NHFC)
Motheo ona ke motheo wa tjhelete ya ntshetsopele oo sepheo sa wona se matla e leng ho nehelana ka melao ya matlo ka mokgwa o tswellang ho batho ba meputso e tlase. Ka sepheo seo NHFC e nehelana ka letlole ho metheo e dipakeng ho kgothaletsa phihlello e batsi ho matlo, ho neha matla a lekaneng le a tswellang hara mekgatlo eo ba e tshehetsang ka letlole, le ho kena selekaneng le mekgwa e metjha ya bopulamadiboho phumantshong ya tjhelete.
Motheo o tsepamisitse tjheleteng ya melato moo o etsang hore tjhelete ya kadimo e fumanehe metheong e tsitsitseng ya matlo, bakadimane bao e seng dibanka le dibanka ho kadima malapa a futsanehileng. Hape e itlama ka tjhelete ya tiiso ka ho nehelana ka tjhelete ya matlafatso ho metheo ya matlo a bodulo le bao e seng dibanka. Sepheo sa ho matlafatsa se phethiswa ka thuso ho metheo e menyane le e metjha hore e kgone ho ba le seabo ka botlalo mmarakeng.
Motheo wa Matlo a Bodulo (SHF)
SHF e shebane le tshehetso bakeng sa mmaraka wa motheo wa matlo a bodulo. Hona ho fihlellwa ka ho nehelana ka kwetliso/thupelo, boeletsi le tshehetso ya botekginiki ho metheo ya matlo a bodulo e qalang le e tsitsitseng. E thusa le Letona ntshetsong pele ya leano le tshwanelehileng le tlhophisetso mabapi le dintlha tsa matlo a bodulo. SHF e hlophisetsa le phihlello ho letlole la dimpho bakeng sa diteko tsa matlo a bodulo.
Motheo ona o hlomamisitswe e le boiteko ba kopanelo pakeng tsa dibanka le mmuso ho shebana ka boikgetho le dikadimo tse sa sebetseng hantle le diphahlo tse matsohong a dibanka ka lebaka la melao e sa kgotsofatsweng, le ho se sebetse hantle ha mmaraka wa kadimano ya tjhelete ya matlo Afrika Borwa e bileng teng ho tloha ka 1994. SERVCON e thusa ba nang le tokelo ya ho fumana mme ba le morao ka ditefo malebana le ho hlophisa botjha dikadimo tse teng kapa moo ho ka kgonehng ba fallisetswe ho menyetla ya matlo a mang a fihlellehang. Ka ho hokelana le teko ena, ho ile ha hlomamiswa motheo o mong o arohileng, o bitswang Thubelisha Homes o ahang matlo a tekano e nepahetseng ya matlo.
Mokgwa wa ho fihlella ditshebeletso
Ho fihlella ditshebeletso Lefapheng la Naha la Matlo, dikopo di lokela ho lebiswa ho Molaodi-Kakaretso wa Lefapha
Aterese ya Poso:
Lefapha la Naha la Matlo
Aterese ya Mmila:
Ditlhophiso tse dumellang motho ho ba le seabo kahong ya leano le/kapa tshebediso ya matla a Lefapha la Naha la Matlo Karolo 141g
Leano la naha la matlo le kaho ya tlhophiso le kamohelo di etsahala tshebetsong e bopehileng. Mabapi le hona qeto ya ho eletsana e etswa tlamo ho ya ka pehelo ya Molao wa Matlo, 1997. Letona le na le boikarabelo bo matla ba ntshetsopele ya leano le naha ka matlo le tlhophiso. Hona ho phethwa ka tshebetso ya ho bontshana e hlophiswang ke lequlwana la Matlo: MINMEC. Lequlwana la Matlo:MINMEC le bopilwe ka Letona la Matlo, ditho tse robong tsa Makgotla a Phethahatso a nang le boikarabelo ka matlo mebusong e robong ya diprovense le Mokgatlo wa Mmuso wa Lehae wa Afrika Borwa (SALGA)
Lefapha, ka ho siyana ha dinako, le a bontshana ka bophara mabapi le dintlha tsa ditlhophiso mme diteko tse jwalo hangata di ba ka mokgwa wa diphutheho tsa ho bontshana le diboka tsa naha tsa matlo.
Qeto ya motheo e dula e dutse hore motho ka mong hara naha o a fihlella lequlwaneng la ho nka diqeto ka tumello ya dipolotiki ya demokerasi ya Riphaboliki. Le ha ho le jwalo, lefapha le inehetse ho dipuisano tse batsi ho ya ka moo ho kgonehang ka teng mabapi le dintlha tsa leano le tlhophiso ya matlo ya nako e tlang.
Direkoto tsa Lefapha la Naha la Matlo Karolo 141d-e
Pepeso e iketsahallang ya direkoto Karolo 141e Karolo152
Direkoto tse entsweng lethathama mona di fumaneha ka ho iketsahalla ho se tlhokahalo ya ho etsa kopo ya phihlello ho ya ka Molao. Tsena ha di eso kenngwe lesedinyaneng la mmuso jwalo ka ho balletswe ke Molao.
Ho ka ikopanngwa le Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ho fihlella ho direkoto tsena:
Hlohlomiso 1: Direkoto tse fumanehang ka ho iketsahalla ho Lefapha la Naha la Matlo
Sehlooho
Karolwana ya sehlooho
Maemo
Maemo a ditshebeletso tsa ka ntle: Tlaleho ya ditjhelete le boikarabelo
Maemo
Maemo a ditshebeletso tsa ka ntle Tataiso e hlophisitsweng ya ditaelo le merero ya mmuso
Maemo
Maemo a ditshebeletso tsa ka ntle: Leano la Matlo le ntshetsopele le hlahlobo ya molao
Maemo
Maemo a ditshebeletso tsa ka ntle: Ho hlahloba le ho lekola sefutho
Maemo
Maemo a ditshebeletso tsa ka ntle: Nehelano ya tllhahisoleseding
Maemo
Maemo a ditshebeletso tsa ka ntle: Kgaso ya tlhahisoleseding le dikgokahano
Maemo
Maemo a ditshebeletso tsa ka ntle: Matlafatso ya tshebetso
Ka bophara
Puo ya Letona
Tsebiso ka khoudu ya matlo
Tataiso e bobebe
Leano la Afrika Borwa la Naha la Matlo: Ho tsamaisa leano la Afrika Borwa la matlo
Leano la Afrika Borwa la Naha la Matlo: Tshebetso ya matlo ka bophara Afrika Borwa
Pono ya Afrika Borwa ya matlo
Boikemisetso ba Naha ka Matlo
Moralo wa Leano la Naha la Matlo: Diphapang tsa motheo.
Diqeto tsa motheo tsa leano la matlo le phethahatso
Leano la Afrika Borwa la Naha la Matlo: Leano la Matlo la Afrika Borwa ka Ditlhophiso tse Supileng
Ho tsitsisa Tikoloho ya Matlo
Ho Hlophisa ho Rekeha ha Matlo
Ho Nehelana ka Thuso ya Tshehetso
Ho Tshehetsa Tshebetso ya Batho ya Matlo
Ho hodisa Matla a Lefapha
Ho Lokisetsa Phumantsho e Potlakileng le Tlhophiso ya Mobu
Ho hokahanya letsete la mmuso ho ntshetsopele
Leano la Afrika Borwa la Naha la Matlo: Pheletso ? Tjhadimo ya Matlo ka bophara
Moralo wa setsi/lefapha
Tikoloho e batsi ya moruo
Moralo wa mefutafuta e fapaneng
Pheletso: Menyetla
Kutlwisiso ya Molao wa Matlo le ditshebetso tsa taolo tse amehang: Selelekela
Tjhebokakaretso ya Molao wa Matlo
Moralo wa Molao wa Matlo
Dintlha tsa phapang
Diqeto
Kutlwisiso ya Molao wa Matlo le ditshebetso tsa taolo tse amehang:
Ditema le Boikarabelo
Mesebetsi ya Mmuso wa Naha
Mesebetsi ya Mmuso wa Provense
Mesebetsi ya Mmuso wa Lehae
Sehlomathiso A: tumellano e amanang le kamohelo
Kutlwisiso ya Molao wa Matlo le ditshebetso tsa taolo tse amehang: Dipehelo tse matla tsa Molao
Mekgwa le Maemo a Naha
Phumantsho ya Tjhelete bakeng sa Ditshebetso tsa rona tsa Matlo
Taolo ya maruo, boikarabelo, ditokelo le ditlamo tsa rona
Tlhahisoleseding ka Matlo
Dinehelano ka matla
Kutlwisiso ya Molao wa Matlo le ditshebetso tsa taolo tse amehang: Metheo e tlasa mmuso
Lekgotla la Afrika Borwa la Ntshetsopele ya Matlo
Makgotla a Diprovense a Ntshetsopele ya Matlo
Kutlwisiso ya Molao wa Matlo le ditshebetso tsa taolo tse amehang: Pheletso
Ho fedisa ditshebetso tsa mehleng
Ditema tsa Mmuso
Dipehelo tse matla tsa Molao
Metheo e tlasa mmuso
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo: Selelekela
Ho tsamaisa karolo ena
Tjhebokakaretso ya ditshebetso tsa naha tsa matlo
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo: Selelekela
Ho tsamaisa karolo ena
Tjhebokakaretso ya ditshebetso tsa naha tsa matlo
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo: Mokgwa wa Tshehetso ya Matlo ? projeke e hoketsweng ho tshehetso
Tjhebokakaretso
Ho tshwaneleha le maemo a mang bakeng sa projeke e hoketsweng ho tshehetso
Mokgwa oo ba ntshetsang pele matlo ba etsang kopo e hoketsweng ho tshehetso
Ka mora kamohelo ya kopo ya tshebetso e hoketsweng ho tshehetso
Dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho hopolwa
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo: Mokgwa wa Tshehetso ya Matlo / ditshehetso tsa motho ya ikemetseng
Tjhebokakaretso
Ho tshwaneleha le maemo a mang bakeng sa tshehetso ya motho ya ikemetseng
Ditshehetso tse sa hokelwang ho molato
Ditshehetso tse hoketsweng ho molato
Dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho hopolwa
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo:Mokgwa wa Tsheheso ya Matlo / ditshehetso tsa motho ya ikemetseng
Tjhebokakaretso
Ho tshwaneleha le maemo a mang bakeng sa tshehetso ya motho ya ikemetseng
Ditshehetso tse sa hokelwang ho molato
Ditshehetso tse hoketsweng ho molato
Dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho hopolwa
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo:Mokgwa wa Tsheheso ya Matlo / ditshehetso tsa metheo
Tjhebokakaretso
Ho tshwaneleha le maemo a mang bakeng sa tshehetso ya metheo
Mokgwa wa ho etsa kopo ya tshehetso ya metheo
Ka mora kamohelo ya kopo ya tshehetso ya metheo
Pokello ya dintlha ya Naha ka matlo
Dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho hopolwa
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo:Mokgwa wa Tsheheso ya Matlo / thuso ya ho falla
Tjhebokakaretso
Melao ya Rekoto ya Kutlwisiso le Rekoto e Ntjhafaditsweng ya Kutlwisiso
Thuso ya ho falla
Melao e amang badudi bao e seng beng ba sethatho kapa bakadimi
Ditlhophiso tse ikgethang bakeng sa bakadimi ba tswileng matlung a bona
Ditlhophiso tse ikgethang mabapi le metsofe le batho ba sa itekanelang
Mokgwa wa ho etsa Kopo ya Thuso ya ho Falla
Dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho hopolwa
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo:Mokgwa wa Tsheheso ya Matlo / Tshebetso ya Batho ya Matlo
Tjhebokakaretso
Ho tshwaneleha le maemo a mang bakeng sa Tshehetso ya Batho ya Tshebetso
Mokgwa wa ho etsa kopo
Ho lekola matlafatso ya tshehetso ka Tshebetso ya Batho ya Matlo
Ho fihlella ho tshehetso e hoketsweng ho projeka ka Tshebetso ya Batho ya Matlo
Ho fihlella ho tshehetso ya metheo ka Tshebetso ya Batho ya Matlo
Ho fihlella ho tshehetso ya mahaeng, ditokelo tsa mobu tse seng maemong, ka Tshebetso ya Batho ya Matlo
Ka mora kamohelo
Tumellano ya Tshehetso
Dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho hopolwa
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo:Mokgwa wa Thuso ka Theolelo
Tjhebokakaretso
Ho tshwaneleha le maemo a mang a Mokgwa wa Thuso ka Theolelo
Mokgwa wa ho etsa kopo ya Thuso ka Theolelo
Ka mora kamohelo ya Thuso ka Theolelo
Ditataiso tsa taolo bakeng sa Mokgwa wa Thuso ka Theolelo
Ho fela ha Mokgwa wa Thuso ka Theolelo
Dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho hopolwa
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo: Dihostele le tshebetso ya ntjhafatso ya ntshetsopele
Tjhebokakaretso
Maikemiseso a Diteko tsa Ditshebetso tsa Ntjhafatso ya Ntshetsople ya Dihostele tsa Naha
Tshebetso ya Diqeto Dikopong tsa Dihostele
Mokgwa wa Ntjhafatso ya Ntshetsopele
Tefello ya Ntjhafatso ya Ntshetsopele
Mokgwa wa ho etsa Kopo ho Mmuso bakeng sa Tefello ya Ntshetsopele ya Hostele ya Bohle
Ka mora kamohelo
Dintlha tsa bohlokwa tse lokelang ho hopolwa
Ditshebetso tsa Naha tsa Matlo:Mokgwa wa Tsheheso ya Matlo / tshehetso ya mahaeng
Motheo
Ho ba monga mobu
Leano mabapi le ho ba Monga Mobu
Mobu o tlasa taolo ya motse
Dikopo tsa diprojeke
Pokello ya dintlha ya Naha
Dikamano pakeng tsa baromuwa ba phethahatso le ba nang le tokelo ya ho fumana
Ho hlwauwa ha mobu
Maemo a kamohelo le boholo ba tshehetso
Manyalo a sethepu
Tiiso ya Bolaodi ba Lehae
Boikgopotso
Maano
Tlhophiso ya Leano la Matlo la Afrika Borwa
Maano
Pampiri e Tshweu ka Matlo
Phetolo ya Molao wa Matlo 2001 (No 4 wa 2001)
Molao wa Matlo 1997 (No 107 wa 1997)
Molao wa Pepeso ya Kadimo ya Tjhelete le Molato wa Lehae 2000 (No 63 wa 2000)
Tlhophiso Botjha ya Meedi e Tlolanang ya Bommasepala 2000 (No 69 wa 2000)
Phetolo ya Molao wa Tshireletso ya Beng ba Matlo 1999 (No 27 wa 1999)
Phetolo ya Molao wa Matlo 1999 (No 28 wa 1999)
Molao wa Khiriso ya Matlo 1999 (No 50 wa 1999)
Phetolo ya Bobedi ya Molao wa Matlo 1999 (No 60 wa 1999)
Molao wa Thibelo ya Tebelo e seng Molaong Mobung o Sebediswang Kgahlanong le Molao 1998 (No 19 wa 1998)
Phediso ya Bili ya Trasti e nang le Meedi ya Matlo Afrika Borwa
Bili ya kenya Letsete hape ha Motse 2001
Ditlaleho
Tlaleho ya Tlhahiso ya Mesebetsi
Ditlaleho tsa kotara tsa sefutho sa moruo o moholo ho matlo, maemo a ho boloka tjhelete le nehelano ya ditjhelete tse nyane.
Ditataiso
Tataiso ya bajadi ba matsete ba ditjhabeng
Meralo
Moralo wa Ntshetsopele ya Metse ya Ditoropo
Dipalopalo (Kgethilwe)
Matlo a phethilweng kapa a ntseng a Ahuwa
Dipalopalo (Kgethilwe)
Paloyohle ya ditshehetso tse amohetsweng
Dipalopalo (Kgethilwe)
Ditshehetso tsa batho ba ikemetseng tse amohetsweng
Dipalopalo (Kgethilwe)
Dibopeho tse ka hodimo tse phethilweng kapa tse Ntseng di Ahuwa
Dipalopalo (Kgethilwe)
Diprojeke tse amohetsweng
Dipalopalo (Kgethilwe)
Diprojeke tse qadilweng
Dipalopalo (Kgethilwe)
Diprojeke tse nang le Matlo a Tswelang pele
Dipalopalo (Kgethilwe)
Dimapa tsa Phumantsho ya Matlo ho ya ka diprovense
Dipuo
Mefutafuta
Tsebiso ditabeng
Mefutafuta
Dintlha tsa kgokahano
Dintlha tsa kgokahano
Dikgokahano tsa Matlo
Dintlha tsa kgokahano
Metheo/Ditsi
Matsholo/Diprojeke
Ho ya ka Provense ka nngwe
Nehelano ya ditefiso
Ha ho hlokahala
Mefuta ya direkoto tse fumanehang ho ka hlahlojwa ho ya ka melao e meng
Molao wa Matlo 1997 (No 107 wa 1997).
Molao wa Dikamano tsa Basebetsi 1995 (No 66 wa 1995 jwalo ka ha o fetotswe)
Molao wa Peheletso e Molaong 1997 (No 54 wa 1997)
Molao wa Diakhaeve tsa Naha tsa Afrika Borwa 1996 (No 43 wa 1996)
Molao wa Pepeso ya Kadimo ya Tjhelete le Molato wa Lehae 2000 (No 63 wa 2000)
HLOKOMELA: Dipehelo tsa karolo 5 tsa Molao di hlalosa ka ho hlakileng hore PAIA e sebetsa ho sa kenngwa le efe pehelo ya molao ofe kapa ofe o mong o thibelang kapa o hanelang pepeso mme o kgahlanong ka ho bonahalang le sepheo kapa pehelo e ikgethang ya PAIA. Karolo 55
Mefuta ya direkoto tse fumanehang tse kotjwang ka PAIA Karolo 14 1d
Phihlello ya direkoto tse entsweng lethathama mona ke tse lokelang ho kotjwa ho ya ka Molao. Direkoto tsena di ka kotjwa ho Batlatsi ba Diofisiri tsa Tlhahisoleseding ba Lefapha la Naha la Matlo ho ya ka mekgwa ya tshebetso ya kopo jwalo ka ha e hlalositswe temaneng e ka tlase.
Hlohlomiso 2: Direkoto tse ka kotjwang ka Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding, Molao 2 wa 2000
Sehlooho
Karolwana ya Sehlooho
Mananeo le Metsotso
Ditumellano
Ditumellano tsa Mahlakore a Mabedi
Ditumellano
Ditumellano tsa Matjhaba
Ditjhelete
Kabo ya Tjhelete ya Lefapha
Ditjhelete
Letlole la Phallo ya Tjhelete
Ditjhelete
Letlole la Ditshenyehelo
Ditjhelete
Tlaleho ya Matlole a Metheo
Ditjhelete
Letlole la Phallo ya Tjhelete ya Provense
Ditjhelete
Letlole la Ditshenyehelo tsa Provense
Ditjhelete
Letlole la Khampani ya Bohle
Ditlamo
Ditlamo
Direkoto tsa basebetsi
Dipapatso
Direkoto tsa basebetsi
Kamohelo ya Basebetsi
Direkoto tsa basebetsi
Direkoto tsa Matlo
Direkoto tsa basebetsi
Ho tswa kotsi Mosebetsing
Direkoto tsa basebetsi
Direkoto tsa Phomolo
Direkoto tsa basebetsi
Dipenshene
Direkoto tsa basebetsi
Direkoto tsa Tekolo ya Mosebetsi
Direkoto tsa basebetsi
Kgetho ya Basebetsi
Direkoto tsa basebetsi
Dinyollelo mosebetsing
Direkoto tsa basebetsi
Direkoto tse Nehelwang ke Basebetsi
Direkoto tsa basebetsi
Direkoto tsa Meputso
Direkoto tsa basebetsi
Ditekanyetso tsa Meputso
Direkoto tsa basebetsi
Merero
Meralo ya Tshebetso
Merero
Meralo ya Tshebetso: Metheo ya Matlo
Merero
Meralo ya Tlhophiso ya Matlo
Merero
Meralo ya Dithuso tsa Basebetsi
Merero
Meralo ya Ditshebetso tsa Dithuso tsa Basebetsi
Maano
Meralo: ya Metheo
Maano
Meralo: ya Molao
Maano
Meralo: ya Maano
Maano
Leano la Thuto ka Matlo
Maano
Leano la Matlo
Maano
Maemo a ho Lekola
Maano
Kemo ya Leano la Phethahatso
Maano
Ditlhoko tse Ikgethang tsa Matlo: Ba sa itekanelang
Maano
Maano
Ditlhoko tse Ikgethang: Metsofe
Maano
Ditlhoko tse Ikgethang: Dikgutsana
Maano
Ditlhoko tse Ikgethang: Bana ba se nang Mahae
Maano
Ditlhoko tse Ikgethang: Batjha
Ditshebetso
Ditshebetso
Tshebetso ya ho Thusa Basebetsi
Ditshebetso
Ditshebetso tsa ho Phahamisa maemo
Ditshebetso
Ditshebetso
Maikemisetso a Tshebetso ya Matlo: Bolaodi ba Lehae
Ditshebetso
Maikemisetso a Tshebetso ya Matlo: Naha
Ditshebetso
Maikemisetso a Tshebetso ya Matlo: Provense
Ditshebetso
Ditshebetso tsa Matlo
Ditshebetso
Meralo ya Ditshebetso tsa Matlo
Ditshebetso
Ditshebetso tsa Ditokelo tsa Botho
Ditshebetso
Ntshetsopele ya Bokgoni
Ditlaleho
Tlaleho ya Selemo
Ditlaleho
Ditlaleho tsa Tekolo ya Dibuka
Ditlaleho
Ditlaleho tsa Phutheho ya Komiti
Ditlaleho
Ditlaleho tsa Tshebetso ya Matlo
Ditlaleho
Ditlaleho tsa Moralo wa Tshebetso ya Dithuso tsa Basebetsi
Ditlaleho
Tlaleho ya Letlole la ODI
Ditlaleho
Ditlaleho tsa Leano la Phethahatso
Ditlaleho
Ditlaleho tsa ho Sebetsa ha Leano
Ditlaleho
Ditlaleho tsa Kotara
Ditlaleho
Ditlaleho tsa Ditshebetso tse Ikgethang
Ditlhophiso
Maikemisetso a Phethahatso: Bolaodi ba Lehae
Ditlhophiso
Ditlhophiso
Ditlhophiso
Tlhophiso le Ditataiso tsa Matlafatso
Ditlhophiso
Tataiso mabapi le Tshebediso ya Mobu
Ditlhophiso
Tlhophiso ya Dithuto ka Matlo
Ditlhophiso
Leano la Mobu wa Matlo
Ditlhophiso
Tlhophiso ya Mobu wa Matlo Mahaeng
Ditlhophiso
Tlhophiso ya Mobu wa Matlo Ditoropong
Ditlhophiso
Ditlhophiso tsa Matlo
Ditlhophiso
Tlhophiso ya Dikgokahano tsa ka Hare
Ditlhophiso
Tlhophiso ya Dikgokahano le ba Kgaso ya Ditaba
Mekgwa ya tshebetso ya ho etsa kopo
Senyesemane e tla ba puo e maemong ya dikgokahano malebana le Molao ona.
Dikgato tse lokelang ho nkuwa ke mokgatiso
Mokgatiso o lokela ho latela ditlhoko tsohle tsa mokgwa wa tshebetso jwalo ka ha di balletswe ke Molao (di kgutsufaditswe ka mora mona), ho bolelang hore dikopo tsohle, tse latelang mekgwa ya tshebetso jwalo ka ha e hlophisitswe mona ka tlase, di tla ananelwa mme di sebetswe.
Phihlello rekotong e ka latolwa feela tlasa tatolo a boletsweng Molaong. (Sheba temana 6.3)
Ho kgothaletswa hore mokgatiso a fihlelle qeto ya hore ke mokgatiso ya jwang, hobane hono ho na le diphetho tse latelang.
Sephetho
Ya batlang phihlello ho direkoto tse fupereng tlhahisoleseding ka boyena mabapi le mokgatiso
Ha ho tefiso ya Kopo mme ha ho peheletso ya tefiso ya phihlello e lefuwang
Motho ofe kapa ofe ya etsang kopo ya ho fihlella ho rekoto ya Lefapha la Naha la Matlo.
Kapa
Makala ao a puso feela a sebedisang matla a puso kapa a phethang mosebetsi wa puso ho ya ka molao.
Tefiso ya kopo e a lefiswa mme peheletso ya tefiso ya phihlello e a lefiswa.
Mokgatiso bitsong la motho e mong
Motho ya emetseng motho e mong mme a etsa kopo bitsong la motho eo
Ho hlokeha ho nehelanwe ka bopaki ba maemo ao mokgatiso a emelang motho e mong ka ona
Tefiso ya kopo e a lefiswa
Kopo ya phihlello e lokela ho etswa ho foromo ya kopo e balletsweng ke Lefapha la Naha la Matlo, ho lefa tefiso ya kopo le ho e romela ho Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding.
Foromo ya kopo e a fumaneha:
Jwalo ka Sehlomathiso A bukaneng ya kgakollo (hore o e tlatse ka mongolo)
Ka ho kopa hore o e romellwe ke Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ka fekese, lengolo, fonofono kapa ngollano ya elek;
Ka ho lata foromo ofising ya dikamohelo ya Lefapha la Naha la Matlo kapa Setsing sa PAIA.
Foromo ya kopo e ka tlatswa ka letsoho kapa ka elektroniki ha e laollotswe setsheng sa internete.
Mokgatiso ya hlokang boitekanelo ba ho bala/ho ngola kapa kgaello e nngwe ya boitekanelo a ka etsa kopo ka molomo. Kopo ya molomo e tla ngolwa foromong e balletsweng mme mokgatiso o tla nehwa kgatiso ya yona.
Foromo e lokela ho saenwa ke mokgatiso.
Mokgatiso o lokela ho saena maqephe ohle a tlatsetso ya tokomane a ekeditsweng ho foromo ya kopo.
Basebetsi ba Setsi sa PAIA le bona o ka ikopanya le bona mme ba tla thusa ho etsa kopo.
Ho fokotsa ditshebetso tsa tsamaiso ho kgothaletswa hore tefo ya tefiso ya Kopo e leng R35,00, ntle le ya Mokgatiso ka Boyena, e hokelwe kapa e kenyeletswe ho kopo. Lefapha la Naha la Matlo le tla amohela tefo ka tjhelete, posoda, ditempe tsa mmuso, lekarete la khrediti le tjheke e sa fetiseheng ditjheke le diposoda di lefe: THE LEFAPHA LA PHUMANTSHO YA MATLO mme nako ya ho tjhentjheha ya matsatsi a 10 a ho lekola e a dumellwa bakeng sa ditjheke. Sheba temana 6.2
Romela foromo ya hao e tlatsitsweng ya kopo ho ya ho Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa Lefapha la Naha la Matlo, ka:
Ho posetsa atereseng ya poso e nehilweng;
Ho e romela ka fekese (ha ho se ditefiso tse hlokehang).
Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa Lefapha la Naha la Matlo:
O tla sebetsana le kopo ya phihlello feela ha ho etsahetse tsena tse pedi:
Foromo ya kopo e tlatsitswe ka nepo, mme
HLOKOMELA: Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding a ka hana kopo ya phihlello ha foromo ya kopo e balletsweng e sa tlatswa ka nepo kapa ka botlalo,
Ntle le ha mokgatiso a tsebisitswe (PAIA-REQ-01) ka boikemisetso ba ho latola kopo ho bolelwa mabaka a tatolo e bolelwang, le
Ha a ithaopa ho thusa mokgatiso hore ho etswe kopo foromong e tla tlosa mabaka a tatolo. Karolo 192
Tefiso ya kopo (moo ho hlokehang) ha e a lefshwa.
O na le matsatsi a 30 (moo ho hlokehang) ho etsa qeto. Ho ka eketswa matsatsi a mang a 30 a tlatsetso ho nako ya sethatho a ho etsa qeto. Mokgatiso o tla tsebiswa ka lengolo ka poso, nakong ya matsatsi a 30, ka qeto ya ho atolosa nako; (PAIA-REQ-12)
A ka etsa qeto mme a tsebisa mokgatiso ka tse latelang:
Ho tsebisa ka ditefiso tse lefuwang (ha di le teng). Rekoto e tla fumaneha feela ha Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding a fumane ditefiso tse lokelang;
HLOKOMELA: Ha Motlasi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding a hloleha ho araba nakong ya matsatsi a 60 (ho kenyeletswa la nako ya katoloso) mabapi le kopo ho lokela ho nkuwe jwalo ka tatolo mme mokgatiso a ka kenya Boipiletso ba ka Hare [Karolo 27]
Ho fetisetsa/ho romela kopo ho lekala la puso le tshwanelehileng kapa lefapheng le leng la mmuso (PAIA-REQ-02);
Ditefiso tse balletsweng (Makala a Mmuso)
Ho ya ka Molao ho na le mefuta e mmedi ya ditefiso e lefuwang, ke ho re:
Tefiso ya kopo, e leng tefiso e le nngwe e maemong. Tefiso e balletsweng ke R35,00. Tefiso ena e lokela ho lefshwa pele ho ka sebetswa ka kopo mme Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho tsebisa mokgatiso (ka ho ngola) hore eo ke tefiso e lefuwang.
HLOKOMELA: Tefiso ya kopo ha e sebetse mabapi le mokgatiso ka boyena, Karolo 221
Ditefiso tsa phihlello di kenyeletsa tlhahiso, ho tsoma, tlhophiso le ditshenyehelo tsa poso moo di hlokehang.
HLOKOMELA: Ha nako ya ho tsoma le ho hlophisa e feta dihora tse tsheletseng, peheletso ya karolo ya boraro ya tefiso ya phihlello e tla tlameha ho lefshwa ke mokgatiso, ntle ho mokgatiso ka boyena. Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tla tsebisa mokgatiso ka ho ngola mabapi le peheletso e lefuwang. Ha kopo ya phihlello e latotswe, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tlameha ho kgutlisa / ho lefa hape peheletso ya mokgatiso. Karolo 222b
Ditefiso tse balletsweng di kgutsufaditswe ho ya ka Karolo II ya Tsebiso ya Mmuso (R 187) e phatlaladitsweng Lesedinyaneng la Mmuso la 15 Hlakola 2002.
RANTA
Tefiso ya Kopo Karolo 228
Tefiso e lefswang ke mokgatiso e mong le e mong, ntle ho mokgatiso ka boyena, ya bolelwang ho molawana 7 .
Ditefiso tsa tlhahiso Karolo 153 e sebetsa tlhahisong ya direkoto tse pepeswang ka boikgethelo kapa tse fumanehang ka ho iketsahalla
Tefiso ya kgatiso ya bukana ya kgakollo jwalo ka ha e bolelwa ke molawana 5(c) ke R0,60 bakeng sa fotokgatiso ka nngwe e leqepheng kapa karolong ya lona la boholo ba A4.
,60 leqephe
Ditefiso tsa tlhahiso e bolelwang ho molawana 7 di ka mokgwa o latelang:
a. Bakeng sa fotokgatiso ka nngwe ya leqephe kapa karolo ya lona la boholo ba A4
b. Bakeng sa kgatiso ka nngwe e hatisitsweng ya leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4 le khompyuteng kapa ho mokgwa wa elektroniki kapa motjhine mme le baleha
Bakeng sa leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4.
Bakeng sa leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4.
Ditefiso tsa phihlello (di sebetsa dikopong tse kotjwang ka foromo ya kopo ya PAIA)
Ditefiso tsa phihlello tse lefuwang ke mokgatiso ya bolelwang ho molawana 7 ke tse latelang:
a. Bakeng sa fotokgatiso ka nngwe ya leqephe kapa karolo ya lona la boholo ba A4
b. Bakeng sa kgatiso ka nngwe e hatisitsweng ya leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4 le khompyutheng kapa ho mokgwa wa elektroniki kapa motjhine mme le baleha
Bakeng sa leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4.
Bakeng sa leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4.
Ditefiso tsa ho Tsoma le ho Hlophisa f. Ho tsoma le ho hlophisa rekoto bakeng sa pepeso, R15,00 bakeng sa hora ka nngwe kapa karolo ya yona, ho sa kenngwa hora ya pele, e hlokehang bakeng sa ho tsoma le ho hlophisa ho jwalo
,00 ka hora ho sa balwe hora ya pele
Peheletso e hlokwang Karolo 222
a. Dihora tse tsheletseng jwalo ka ha dihora tse fetwang pele peheletso e lefiswa; le b. Karolo ya boraro ya tefiso ya phihlello e a lefiswa jwalo ka peheletso ya mokgatiso
Ditefiso tsa Poso
Tefiso ya poso ka boyona e a lefiswa ha kgatiso ya rekoto e lokela ho posetswa ho mokgatiso
The Lefapha la Naha la Matlo le tla amohela tefo ka mokgwa o latelang:
Tjhelete.
Ditempe tsa mmuso
Ditjheke tse sa fetiseheng (nako ya matsatsi a 10 a ho lekola e a dumellwa). Ditjheke di lefshwe ho: THE LEFAPHA LA PHUMANTSHO YA MATLO.
Lefapha la Naha la Matlo le tla ntsha risiti bakeng sa tjhelete, diposoda le ditempe tsa mmuso. Mabapi le ditjheke ho tla ntshuwa kananelo ya nakwana ho fihlela tjheke e tjhenjtheha, mme ka mora moo ho tla ntshuwa risiti.
Mokgatiso a ka kenya Boipiletso ba ka Hare kgahlanong, kapa kopo ho lekgotla la dinyewe, ha a lefa tefiso. (Sheba temana 6.4)
Mabaka a ho hana phihlello ho direkoto [Kgaolo 4 ya Molao]
Jwalo ka ha Molao o sa sebetse ho tse latelang, dikopo dife kapa dife tsa tsona di tla latolwa:
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya Khabinete.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya komiti ya Khabinete.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya mesebetsi ya molao ya lekgotla.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya baahlodi ba ikgethang.
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya ofisiri ya molao
Rekoto e kotjwang ke rekoto ya setho se ikemetseng sa Palamente kapa Ketsamolao ya Provense.
Kopo e ka hanwa ha mokgatiso a sa kgotsofatsa ditlhoko tsohle tsa mokgwa wa tshebetso ka mora hore a tsebiswe ka boikemisetso ba ho latola ke Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding.
Molao o nehelana ka mabaka moo phihlello ho rekoto e TLAMEHANG kapa e KA NNANG ya latolwa.
HLOKOMELA: Ho eketsa ho dintho tse tlamehang kapa tse ka nnang tsa latolwa, Molao o balla:
Moo pepeso ya rekoto e leng TLAMO molemong wa naha. [Karolo 46]
Ka sepheo sa bukana ena ya kgakollo, ke tlasa mabaka ao phihlello ho rekoto E LOKELANG HO HANWA moo ho tlang ho bonahatswa.
Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding O LOKELA, a laolwa ke dipehelo tse itseng, ho hana kopo ya ho fihlella tlasa mabaka a latelang:
Tshireletso e tlamang ya Sephiri ya mokga wa boraro oo e leng motho ya phelang le ho re, ha e le hore pepeso ya yona e tla kenyeletsa pepeso e sa amoheleheng ya tlhahisoleseding ya boyena mabapi le mokga wa boraro ho kenyeletsa le motho ya hlokahetseng Karolo 341.
Tshireletso e tlamang direkoto tse itseng tsa Tshebeletso ya Afrika Borwa ya Lekgetho SARS ke ho re, Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya SARS e lokela o hana kopo ya rekoto ya SARS ha e fupere tlhahisoleseding e fumanweng kapa e bolokilweng ke SARS ka sepheo sa ho phethisa molao mabapi le pokello ya lekgetho jwalo ka ha ho hlalositswe karolong 1 ya Molao wa Tshebeletso ya Afrika Borwa ya Lekgetho Molao 34 wa 1997 Karolo 351.
Tshireletso e tlamang ya tlhahisoleseding ya tsa kgwebo ya mokga wa boraro, ke ho re Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tlameha ho latola kopo ha rekoto e fupere Karolo 361:
Diphiri tsa kgwebo tsa mokga wa boraro;
Tlhahisoleseding ya ditjhelete, tsa kgwebo, tsa saense kapa botekginiki ntle ho diphiri tsa kgwebo tsa mokga wa boraro, tseo pepeso ya tsona e ka bakang kotsi ditabeng tsa mokga wa boraro tsa kgwebo le ditjhelete.
Tlhahisoleseding eo ho nehelanwang ka yona ka tshepo ke mokga wa boraro mme pepeso e ka beha mokga wa boraro bobeng dipuisanong tsa dikontraka kapa tse ding, kapa e behe mokga wa boraro bobeng tlhodisanong ho tsa kgwebo.
Tshireletso e tlamang ya tlhahisoleseding e itseng ya bofihla ya mokga wa boraro, ke ho re , Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding a ka hana kopo ha pepeso ya yona e ka bang tlolo ya mosebetsi wa botshepehi o lokelang mokga wa boraro ho ya ka tumellanoKarolo 371a.
Tshireletso e tlamang ya polokeho ya motho, le polokeho ya thepa , ke ho re, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho latola kopo ha ka pepeso ya yona ho ka lebellwang ka ho amohelehileng hore ho beha bophelo kapa polokeho ya dintho tsa motho kotsing. Karolo 38a.
Tshireletso e tlamang ya didokete tsa mapolesa ditshebetsong tsa beile, le tshireletso ya phethiso ya molao le ditshebetso tsa molao, ke ho re, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o tlameha ho latola kopo ha phihlello rekotong eo e thibelwa ho ya ka karolo 6014 ya Molao wa Tsamaiso ya Tlolo ya Molao Molao 51 wa 1977 Karolo 391a.
Tshireletso e tlamang ya direkoto tse nang le tokelo ya ho se hlahiswe ditshebetsong tsa molao, ke ho re, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho hana kopo ha rekoto e na le tokelo ya ho se hlahise ditshebetso tsa motho ntle le ha motho ya nang le tokelo ho tokelo eo a qhelela ka thoko tokelo eo [Karolo 40].
Tshireletso e tlamang ya tlhahisoleseding ya phuputso ya mokga wa boraro, le tshireletso ya phuputso ya lekala la puso, ke ho re Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho hana kopo ha direkoto di fupere tlhahisolesding ka phuputso e etswang ke kapa lebitsong la mokga wa boraro, mme pepeso ya yona e ka beha bobeng haholo Karolo 431:
Mokga wa boraro;
Motho ya kapa ya tla etsa phuputso bitsong la mokga wa boraro; kapa o mokotaba wa phuputso;
Dithuso/Ditokiso tse fumanehang kgahlanong le qeto ya Ofisiri ya Tlhahisoleseding Karolo 141h
Boipiletso ba ka Hare le Dikopo ho Lekgotla [Karolo 74-82]
Dithuso tse fumanehang kgahlanong le diqeto tsa Ofisiri ya Tlhahisoleseding kapa Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding kopong ya phihlello ke:
Boipiletso ba ka Hare. [Karolo 74 - 77] kapa
Kopo ho Lekgotla. [Karolo 78 - 82].
Kopo ho lekgotla e ka etswa feela ka mora hore mokgatiso , mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro o sebedisitse tsohle dithuso tsa mekgwa ya tshebetso ya Boipiletso ba ka Hae, Karolo 281
Boipiletso ba ka hare? ho bolela Boipiletso ba ka Hare ho ?Bolaodi bo Tshwanelehileng? ho ya ka karolo 74 ya Molao. Mabapi le Lefapha la Naha la Matlo, ?Molaodi ya Tshwanelehileng? ke Letona la Matlo, kapa motho ya thontsweng ka mongolo ke Letona la Matlo.
Mekgwa ya tshebetso ya boipiletso ba ka hare e laolwa ke mekgwa eo e teng lekaleng la puso ho hlophisetsa Boipiletso ba ka Hare bo jwalo.
Mokgatiso, mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro a ka kenya Boipiletso ba ka Hare ha a sa kgotsofala ke qeto e entsweng ke Ofisiri ya Tlhahisoleseding kapa Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding mabapi le kopo ya phihlello.
Mokgatiso, ke ho re mokgatiso ka boyena, mokgatiso, mokgatiso bitsong la motho e mong a ka kenya Boipiletso ba ka Hare kgahlanong le qeto kapa kopo ho lekgotla mabapi le diqeto tsa Ofisiri ya Tlhahisoleseding kapa Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding:
Katoloso ya nako ya ho sebetsana le kopo [Karolo 263c]; or
Tefiso ya phihlello, ke ho re.:
Tefiso ya kopo [Karolo 22]; kapa
Tefiso ya depositi/peheletso ya tefiso ya phihlello [Karolo 22]; kapa
Mokgwa wa phihlello o nehilweng Karolo 25 2c.
Mokga wa boraro o ka kenya boipiletso ba ka hare kgahlanong kapa kopo ho lekgotla ka diqeto tsa Ofisiri ya Tlhahisoleseding kapa Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding:
O dumella kopo ya phihlello. Karolo 493b
HLOKOMELA: Tabeng ena phihlello ho rekoto e ka nehwa feela ha qeto ya ho ananela kopo e tiiseleditswe la ho qetela Karolo 299.
Bakeng sa ho kenya Boipiletso ba ka Hare, mokgatiso, mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro o lokela ho e kenya nakong e kgethehileng ka mora ho tsebiswa ka qeto ya Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding. Dinako di eme tjena:
Mokga wa boraro: nakong ya matsatsi a 30 ka mora hore mokga wa boraro o tsebisitswe hore phihlello e ananetswe.
HLOKOMELA: ho kenngwa ha Boipiletso ba ka Hare bo siuwang ke nako ho ka dumellwa ho ha ho nehelanwa ka lebaka le letle le amohelehang la hore bo siuwe ke nako. Ha ho latotswe, motho ya kenyang kopo o tla fumana tsebiso ya qetoKarolo 752ab.
Ha jwale ha ho ditefiso tse sebetsang mabapi le Boipiletso ba ka Hare.
Mekgwa ya tshebetso ya Boipiletso ba ka Hare [Karolo 74-77]
Ho kenya Boipiletso ba ka Haare mokgatiso kapa mokga wa boraro o hloka ho tlatsa foromo e balletsweng ya Lefapha la Naha la Matlo, e bitswang ?Tsebiso ya Boipiletso ba ka Hare.?
Foromo ya Boipiletso ba ka Hare e a fumaneha::
Jwalo ka Sehlomathiso B bukaneng ena ya kgakollo (hore e tlatswe)
Ka ho kopa ho e romellwa ke Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ka fekese, lengolo, fonofono kapa ngollano ya elek ;
Ka ho lata foromo ofising ya kamohelo ya Lefapha la Naha la Matlo kapa Setsing sa PAIA.
Foromo ya Boipiletso ba ka Hare e ka tlatswa ka letsoho kapa ka mokgwa wa elektroniki ha e laollotswe setsheng sa internete.
Foromo e lokela ho saenwa ke moipiletsi.
Maqephe ohle a tlatsetso ya tokomane a ekeditsweng foromong ya Boipiletso ba ka Hare a lokela ho saenwa ke moipiletsi.
Foromo e tlatsitsweng ya Boipiletso ba ka Hare e lokela ho iswa ho Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding wa Lefapha la Naha, ka
Ho posetsa atereseng ya poso e nehilweng;
Ho e romela ka fekese.
Ho kgothaletswa hore mokgatiso a boloke kgatiso ya Boipiletso ba ka Hare bakeng sa direkoto tsa hae.
Boipiletso ba ka Hare bo tla tswala diketso tse latelang:
Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding o lokela ho romela Boipiletso ba ka Hare ho Molaodi ya Tshwanelehileng nakong ya matsatsi a 10 a ho sebetsa.
Molaodi ya Tshwanelehileng o lokela ho tsebisa mokga ya boraro o amehang ka pele ho ya kamoo ho kgonehang, empa jwang kapa jwang nakong ya matsatsi a 30, ka mokgwa o potlakang haholo, ka mora ho amohela Boipiletso ba ka Hare bo kentsweng ke mokgatiso kgahlanong le tatolo ya ho neha phihlello. (PAIA-APP-02)
Molaodi ya Tshwanelehileng o lokela ho tsebisa mokgatiso ya amehang ka potlako e kgolo, empa jwang kapa jwang nakong ya matsatsi a 30, ka mokgwa o phakisang haholo, ka mora ho fumana Boipiletso ba ka Hare bo kentsweng ke mokga wa boraro kgahlanong le ho ananelwa ha phihlello. (PAIA-APP-03)
Molaodi ya Tshwanelehileng o lokela ho etsa qeto ka Boipiletso ba ka Hare ka potlako, empa jwang kapa jwang::
Nakong ya matsatsi a 30 ka mora ho fumana ho Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding;
Nakong ya matsatsi a 30 ka mora hore mokga wa boraro kapa mokgatiso a tsebisitswe ka Boipiletso bo ka Hare; kapa
HLOKOMELA: Mokga wa boraro kapa mokgatiso, nakong ya matsatsi a 21 a ka romela tlhahiso e ngotsweng ho Molaodi ya Tshwanelehileng ka lebaka la hore keng ha kopo e lokela ho se ananelwe kapa ho ananelwa Karolo 76 51
Nakong ya matsatsi a 5 a ho sebetsa ka mora hore mokgatiso a etse tlhahiso e ngotsweng ya Boipiletso ba ka Hare ba mokga wa boraro.
Ha tsebo ka Boipiletso ba ka Hare e fumanwe ka mekgwa e meng ke Molaodi ya Tshwanelehileng, tlhahiso ya molomo kapa e ngotsweng e lokela ho etswa ho Molaodi ya Tshwanelehileng hore keng ha kopo ya phihlello e lokela ho latolwa.
Molaodi ya Tshwanelehileng a ka etsa qeto ya:
Ho tiisa qeto eo ho ipiletswang kgahanong le yona; kapa
Hore qeto e ntjha e nkele ya pele sebaka.
Kapele ka mora hore qeto ka Boipiletso ba ka Hare e entswe, tsebiso e ngotsweng ya qeto e tla nehwa:
o mokga ka mong wa boraro (ha e se moipiletsi); (PAIA-APP-05)
HLOKOMELA: Ha Molaodi ya Tshwanelehileng a hloleha ho neha tsebiso ya qeto ka boipiletso nakong ya matsatsi a 30 ho hlokeha ho nkuwe jwalo ka ha Boipiletso ba ka Hare bo qhaduwe, mme mokgatiso jwale a ka etsa kopo ho lekgotla. Karolo 77 7
Mokgwa wa tshebetso wa Kopo ho Lekgotla [Karolo 78-82]
Kopo e ka kenngwa feela ho:
Lekgotla la Molao wa Motheo;
Lekgotla le Phahameng kapa le leng lekgotla la boemo bo jwalo; kapa
Lekgotla la Mammila le okametsweng ke mammila ya thontsweng ka ho ngola ke Letona la Toka.
HLOKOMELA: [Karolo 79]
Boto ya Melao ya Makgotla a Molao e lokela ho etsa le ho kenya tshebetsong melao ya mokgwa wa tshebetso ya lekgotla mme melao eo e lokela ho anehelwa ke Palamente pele e phatlalatswa Lesedinyaneng la Mmuso.
Ho fihlela melao ya tshebetso e etswa, dikopo di lokela ho etswa Lekgotleng le Phahameng kapa le leng lekgotla la boemo bo tshwanang.
Ditshebetso tsa kopo ho ya ka karolo 78 ya Molao ke ditshebetso tsa bodulo, mme melao ya bopaki e sebetsang ditshebetsong tsa bodulo e a sebetsa Molaong ona.
Mokgatiso, mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro a ka etsa kopo ho lekgotla feela ka mora hore a sebedise ditshebetso tsohle tsa Boipiletso ba ka Hare.
Mokgatiso, mokgatiso ka boyena kapa mokga wa boraro nakong ya matsatsi a 30, ka mokgwa wa kopo, a ka kopa lekgotla le tshwanelehileng ho mo fa tesello/thuso.
Mokgatiso kapa mokgatiso ka boyena a ka etsa kopo ho lekgotla tlasa mabaka a latelang:
Ka ho se atlehe ho Bolipiletso ba ka Hare ho Molaodi ya Tshwanelehileng, ho kenyeletswa le Boipiletso ba ka Hare moo Molaodi ya Tshwanelehileng a hlolehileng ho neha tsebiso nakong e balletsweng;
Qeto ya Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya ho ananela kopo ya phihlello;
Qeto ya Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya ho latola kopo ya phihlello;
Qeto e nkuwang mabapi le tefo ya tefiso ya kopo, tefiso ya phihlello, kapa peheletso ya tefiso ya phihlello; kapa
Qeto e nkuwang mabapi le phihlello e ananetsweng ka mokgwa o arohileng ho wa kopo.
Mokga wa boraro o ka etsa kopo ho lekgotla tlasa mabaka a latelang:
Ka ho se atlehe ho Boipiletso ba ka Hare ho Molaodi ya Tshwanelehileng, ho kenyeletswa le Boipiletso ba ka Hare moo Molaodi ya Tshwanelehileng a hlolehileng ho neha tsebiso nakong e balletsweng;
Qeto ya Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya ho ananela kopo ya phihlello;
Qeto ya Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding ya ho latola kopo ya phihlello;
Qeto e nkuwang mabapi le tefo ya tefiso ya kopo, tefiso ya phihlello, kapa peheletso ya tefiso ya phihlello; kapa
Qeto e nkuwang mabapi le phihlello e ananetsweng ka mokgwa o arohileng ho wa kopo.
Lekgotla le ka nehelana ka taelo e nang le toka le ho amoheleha, e kenyeletsang ditaelo:
Ho tiisa, ho fetola, kapa ho qhelela ka thoko qeto ya Boipiletso ba ka Hare;
Hore Ofisiri ya Tlhahisoleseding, Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding kapa Molaodi ya Tshwanelehileng a nke mehato kapa a tlohele ho nka mehato nakong e boletsweng ho taelo;
Ho nehelana ka kenello ya lekgotla;
Ho nehelana ka tesello/thuso ya nakwana kapa e ikgethang;
Ho nehelana ka taelo e phatlalatsang poeletso;
Mabapi le ditshenyehelo.
Dipelaelo ho Mosireletsi wa Naha [Karolo 91]
Ho ya ka karolo 6 ya Molao wa Mosireletsi wa Naha, jwalo ka ha o fetotswe, Mosireletsi wa Naha o na le bokgoni ba ho batlisisa tlasa boiqapelo ba hae kapa ha a fumane pelaelo kapa ho latela kopo mabapi le tshebetso kapa tsamaiso ya PAIA, a ka leka, boikgethelong ba hae, ho rarolla kgohlano ka puisano, poelano kapa tjhebisano, mme a eletse mang kapa mang ya belaelang ka dithuso tse tshwanelehileng kapa ka mekgwa efe kapa efe.
E nngwe tlhahisoleseding ho ya ka ho ballwa ke Molao
Ntjhafaso ya Bukana ya Kgakollo Karolo 142
Bukana ya Kgakollo ya Lefapha la Naha la Matlo e tla ntjhafatswa selemo ka seng ka Hlakubele, ntle le ha ho ena le diphetoho tse kgolo.
Ho Fumaneha le Puo ya Bukana ya Kgakollo Karolo 141 le 3
Puo
Ho ya ka Molawana No R. 187 wa 15 Hlakola 2002, karolo 4 , Bukana ya Kgakollo ya Lefapha la Naha la Matlo e a fumaneha ka dipuo tse latelang, hore e phatlalatswe Lesedinyaneng la Mmuso:
Senyesemane.
Qeto e sa ntsane e tla fihlellwa ka dipuo tse ding tse pedi.
Ho fumaneha
Ho ya ka Molawana No R. 187 wa 15 Hlakola 2002, karolo 4 , Bukana ya Kgakollo ya Lefapha la Naha la Matlo e a fumaneha ho:
Lefapha la Naha la Matlo
Kgatiso ya bukana ya kgakollo ka puo ya Senyesemane e a fumaneha ho Lefapha la Naha la Matlo (Setsing sa PAIA) mme e ka lekolwa ke naha ka dihora tsa mosebetsi. Ha ho tefiso e tla bitswa ho naha bakeng sa ho hlahloba bukana ya kgakollo, empa bakeng sa kgatiso kapa karolo ya yona, tefiso e tla bitswa e hlalositswe temaneng ya ditefiso.
Nomoro ya Fonofono:
Aterese ya Poso:
Lefapha la Naha la Matlo
Aterese ya Mmila:
Dihora tsa Ofisi:
Dibaka tsa dipeheletso tsa Molao:
Laeborari ya Naha ya Bloemfontein
Nomoro ya Fonofono:
Nomoro ya Fekese:
Aterese ya Ngollano ya elek :
Aterese ya Poso:
BLOEMFONTEIN
Aterese ya Mmila:
BLOEMFONTEIN
Nomoro ya Fonofono:
Nomoro ya Fekese:
Aterese ya Ngollano ya elek:
Aterese ya Poso:
Aterese ya Mmila:
Mokgatlo wa Laeborari wa Natala, Pietermaritzburg
Nomoro ya Fonofono:
Nomoro ya Fekese:
Aterese ya Ngollano ya elek:
Aterese ya Poso:
PIETERMARITZBURG
Aterese ya Mmila:
PIETERMARITZBURG
Laeborari ya Naha ya Afrika Borwa, Lekala le Cape Town
Nomoro ya Fonofono:
Nomoro ya Fekese:
Aterese ya Ngollano ya elek:
Aterese ya Poso:
Aterese ya Mmila:
Laeborari ya Naha ya Afrika Borwa, Lekala le Pretoria
Nomoro ya Fonofono:
Nomoro ya Fekese:
Aterese ya Ngollano ya elek:
Aterese ya Poso:
Aterese ya Mmila:
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho
Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Afrika Borwa
Nomoro ya Fonofono:
Nomoro ya Fekese:
Aterese ya Ngollano ya elek:
Aterese ya Poso:
Aterese ya Mmila:
JOHANNESBURG
Lesedinyana la Mmuso
Hang ha Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho e amohetse bukana ya kgakollo ya PAIA ye Lefapha la Naha la Matlo, e tla romelwa bakeng sa kgatiso ho Lesedinyana la Mmuso. Temana ena ka nako eo e tla kenyeletswa ka mehlodi e tshwanelehileng ya Lesedinyana la Mmuso.
Kopo ho Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo ya ho ngola Bukana ya Kgakollo Karolo 144
Karolo ena ha e sebetse ho Lefapha la Naha la Matlo.
Tesello ya Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo Karolo 145
Ha ho tesello e tswang ho pehelo efe kapa efe ya karolo 14, bakeng sa nako e tsitsitseng, e fumanweng ke Letona la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
Mehlodi le Dikananelo
Bukana ena ya Kgakollo e radilwe ho latela:
Ditataiso tse nehelwang ke Mohlala wa seemahale bakeng sa makala a puso bakeng sa bukana ya kgakollo ho ya ka karolo 14 e radilweng ke Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho.
Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding, Molao 2 wa 2000.
Ditokomane tsa Lefapha la Naha la Matlo
Lentswe le kgethehileng la teboho le lebiswa ho Moadvokate J.H. Wessels Lefapheng la Toka le Mof Wlodarski ya tswang ho Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho bakeng sa tshehetso ya bona le diphehiso tlhophisong ya Bukana ena ya Kgakollo.
Annex A : Lefapha la Naha la Matlo (Lekala la Mmuso) Foromo ya Kopo ya ho Fihlella ho Direkoto ya PAIA
Senyesemane e tla ba puo e maemong a dikgokahano
LEFAPHA LA NAHA LA MATLO LEKALA LA MMUSO FOROMO YA KOPO YA HO FIHLELLA DIREKOTO Karolo 181 Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding, , 2000 Molao No. 2 wa 2000. Foromo ena e nyalana le foromo e phatlaladitsweng ho Sehlomathiso B. Foromo A ya Melawana No. R 187 Molawana 6 e phatlaladitsweng ho Lesedinyana la Mmuso la 15 Hlakola 2002. Kopo ya ho fihlella ho rekoto ya lekala la mmuso.
No. ya Tshupiso ya Kopo ya PAIA: PR/200 ... / ... (Tshebediso ya Ofisi feela)
No. ya Tshupiso ya Faele ya PAIA: HSP 4/8/2/4/1 ... (Tshebediso ya Ofisi feela)
a Wena, mokgatiso, o lokela ho latela ditlhoko tsohle tsa tshebetso. O tla tsebiswa ha o sa di latela.
b Dikarolo tsohle tse amehang di a tlama ? hore di tlatswe ka ditlhaku tse ikemetseng ka pene e ntsho
A. Dintlha tsa lekala la mmuso
Romela kapa tlisa Foromo ya hao ya Kopo e tlatsitsweng ho:
Aterese ya Poso:
Lefapha la Naha la Matlo
Aterese ya Mmila:
Ha e tliswa ka letsoho
Hora tsa Mosebetsi:
Hora tsa kamohelo ya tjhelete:
B. Dintlha tsa motho ya kopang ho fihlella ho rekoto a Mona ka tlase ho hloka ho nehelanwe ka dintlha tsa motho ya kopang ho fihlella ho rekoto.
b Ho hloka ho nehelanwe ka aterese/nomoro ya fekese ya mona Riphaboliking moo tlhahisoleseding e tla romelwa teng.
c Bopaki ba matla ao kopo e etswang ka ona, ha ho hlokeha, e tlameha ho hokelwa.
d Tefiso ya Kopo e lefuwang ke mokgatiso ntle le mokgatiso ka boyena, ya bolelwang ho molawana 112, ke R35,00.
e Tefiso ya kopo e lokela ho lefshwa pele kopo e hlophiswa.
Na o: (Tshwaya lebokose le leputswa le lokelang ka X)
Mokgatiso ka Boyena (Ya batlang phihlello ho rekoto e fupereng ditaba ka yena ka boyena) HLOKOMELA: Thusa o hokele kgatiso ya Tokomane ya hao ya Boitsebiso ho thibela pepeso e fosahetseng ya tlhahisoleseding ka wena.
Mokgatiso (Motho ya etsang kopo ya phihlello ho rekoto ya Lefapha la Naha la Matlo)
Mokgatiso wa Lekala la Mmuso (Makala ao a puso a sebedisang matla a lekala kapa a mosebetsi wa lekala ho ya ka Molao)
Kopo bitsong la motho e mong (Motho ya etsang kopo bitsong la motho e mong)
Fane: ...
Mabitso ka Botlalo: ...
Nomoro ya Boitsebiso: ... HLOKOMELA: Thusa o hokele kgatiso ya Tokomane ya hao ya Boitsebiso ho thibela pepeso e fosahetseng ya tlhahisoleseding ka wena.
Aterese ya poso: ...
Nomoro ya Fekese: ( ... ) ... Nomoro ya fonofono (Mosebetsing):( ... ) ...
Nomoro ya fonofono (Hae): ( ... ) ... Nomoro ya Sele: ( ... ) ...
Aterese ya Ngollano ya elek: ...
C. Dintlha tsa motho eo kopo e etswang bitsong la hae c Karolo ena e lokela ho tlatswa FEELA ha tlhahisoleseding e kotjwa bitsong la motho e mong;
d Bopaki ba matla ao kopo e etswang tlasa ona, mohlala, ka afidavitePehelo eo o ikanetseng yona kapa Matla a Boemedi, bo lokela ho hokelwa.
Matla ao kopo e etswang tlasa ona, ha e le bitsong la motho e mong: (Thusa o bontshe)
Motswadi, Molebedi, Mmuelli wa Molao, Ngaka, Ngwana, Mohlolohadi, Monna ya wetsweng ke ntlo, Mohatsa, E nngwe karolo (hlalosa): ...
Fane: ...
Mabitso ka botlalo: ...
Nomoro ya Boitsebiso: ...
Thusa o kenyeletse bopaki ba matla ao o etsang kopo tlasa ona.
D. Dintlha tsa rekoto a Nehelana ka dintlha tsohle tsa rekoto eo ho kotjwang phihlello ho yona, ho kenyeletsa le nomoro ya tshupiso ha o e tseba, le/kapa Lefapha/Bolaodi/Motho moo e bolokilweng, ho etsetsa hore rekoto e fumanehe hore e kae.
b Ha sebaka seo ho nehelanweng ka sona se haella, thusa o tswele pele leqepheng le leng mme o hokele foromong ena. Mokgatiso o lokela ho saena maqephe ohle a tlatsetso.
c Toba ho ya ka moo ho ka kgonehang ka teng.
Tlhaloso/dikahare tsa rekoto kapa karolo e tobang rekoto, (mohlala, sehlooho, lebitso, letsatsi, jj):
Nomoro ya tshupiso,ha e fumaneha: ...
Le dife tse ding dintlha ka rekoto, ke ho re mofuta wa rekoto, mohlala, metsotso ya phutheho, jj:
Lefapha/Bolaodi/Motho moo rekoto e bolokilweng (ha ho tsejwa):
Na tumello e ngotsweng ya mokga ofe kapa ofe wa boraro e se e ile ya fumanwa pele. (Thusa o hokele kgatiso e nnetefaditsweng ya tumello e ngotsweng e fumanweng)
TJHE
E. Ditefiso [Melawana 187, mohla 15 Hlakola, Sehlomathiso A]
a Bontsha mokgwa wa ho lefa, mohlala, tjheke, posoda, jj.
b Kopo ya ho fihlella rekoto, ntle le rekoto ya ho fumana ditaba ka wena ka bowena, e tla sebetswa feela ka mora hore tefiso ya kopo e lefshwe.
c Tshebetso ya kopo e tla qalwa feela ha tefiso ya kopo moo e hlokehang e fumanwe.
d Ha tefo e sa fumanwa, o tla tsebiswa ka tjhelete e hlokang ho lefshwa e le tefiso ya kopo.
e Tefiso e lefelwang phihlello ho rekoto e itshetlehile ho mokgwa oo phihlello e batlwang ka wona le nako e amohelehileng e hlokehang ho tsoma le ho hlophisa rekoto.
f Ha o tshwanelwa ke tesello ya tefo ya tefiso efe kapa efe, thusa o bolele lebaka la tesello.
Mokgwa wa ho lefa: (Tshwaya lebokose le leputswa le lokelang ka X)
Tjhelete
Ditempe tsa Mmuso
Tjheke
Lebaka la tesello tefong ya ditefiso: ...
F. Mokgwa wa phihlello ho rekoto a Ho tsamaelana le kopo ya hao ya phihlello ka mokgwa o ikgethang ho ka itshetleha ho mokgwa oo rekoto e fumanehang ka wona.
b Phihlello ka mokgwa oo o o kgatisoleng e ka latolwa maemong a itseng. Maemong a jwalo o tla tsebiswa ha phihlello e ka nehelwa ka mokgwa o mong.
c Tefiso e lefuwang ho fihlella rekoto, ha e le teng, e tla itshetleha ntlheng tse ding ho mokgwa oo phihlello e kotjwang ka wona.
d Ha rekoto e le siyo ka puo e labalabelwang kapa ha ho se tabatabelo e bontshitsweng ke mokgatiso, phihlello e tla nehelwa ka puo eo rekoto e leng ho yona [Karolo 31]
e Tefiso ya ho tsoma le ho hlophisa rekoto e kotjwang ke R15,00 bakeng sa hora ka nngwe kapa karolo ya hora, ho sa kenyeletswe hora ya pele.
Tshwaya lebokose le leputswa le lokelang ka X.
Ha rekoto e le ka mokgwa o ngotsweng kapa o hatisitsweng:
Fotokgatiso ka nngwe ya leqephe kapa karolo ya lona ya boholo ba A4 = R0,60
Kgatiso ya rekoto*
Ha rekoto e na le meralo ya ditshwantsho -
hona ho kenyeletsa difoto, diselaede, dikgatiso tsa vidiyo, meralo ya ditshwantsho tse hlahiswang ka khompyutha, meralo, jj.:
Kgatiso ya meralo ya ditshwantsho = R60,00
Phetolelo ya meralo ya ditshwantsho, leqephe la A4 kapa karolo ya lona = R22,00
Kgatiso ya meralo*
Phetolelo ya meralo*
Ha rekoto e fupere mantswe a hatisitsweng kapa tlhahisoleseding e ka hlahiswang hape ka modumo:
Kgatiso ya rekoto e modumo = R17,00
Phetolelo ya rekoto e modumo, leqephe la A4 kapa karolo ya lona = R12,00
Ho mamela ditheipe tsa modumo setsing sa PAIA (ntle ho tefo)
Phetolelo ya ditheipe tsa modumo*
tokomane e ngotsweng kapa e hatisitsweng
Ha rekoto e bolokuwe ho khompyutha kapa ka mokgwa wa elektroniki kapa mokgwa o ka balehang ka motjhine:
Kgatiso ka nngwe e hatisitsweng leqepheng kapa karolo ya lona ya A4 = R0,40
Le khompyutheng kapa mokgwa o balehang motjhineng
Kgatiso ya mokgwa o balehang khompyutheng:
HLOKOMELA: Dikgatiso tsa elektroniki di ka nehelwa feela ka mokgwa o fumanehang wa Lefapha la Naha la Matlo.
Kgatiso e hatisitsweng ya rekoto*
Kgatiso e hatisitsweng ya tlhahisoleseding e tswang rekotong*
Kgatiso ka mokgwa o balehang khompyutheng*
G. Mokgwa wa neheletso
Kgatiso e kotjwang kapa phetolelo (e bontshitswe ka*) ya rekoto e tla poswa
TJHEE
Kgatiso e kotjwang kapa phetolelo ya rekoto o tla e lata ka bowena
TJHEE
H. Puo
O lakatsa ho fumana rekoto ka puo efe? ...
HLOKOMELA: Ha rekoto e sa fumanehe ka puo e lakatswang, phihlello e ka nehelwa ka puo eo rekoto e leng ho yona.
I. Ho hloka boitekanelo
Ha o sitiswa ke ho hloka boitekanelo ba ho bala, ho bona kapa ho mamela rekoto ka mokgwa wa phihlello o nehelwang ho 1-4 ka hodimo, bolela tlhoko ya hao ya boitekanelo o bolele mokgwa oo o batlang rekoto ka wona.
Tlhoko ya boitekanelo: ...
Mokgwa o mong oo rekoto e hlokwang ka wona: ...
J. Tsebiso ya qeto mabapi le kopo ya phihlello
O tla tsebiswa ka mongolo (poso)ha kopo ya hao e amohetswe kapa e latotswe. Ha o lakatsa ho tsebiswa le ka o mong mokgwa, thusa o hlalose mokgwa mme o etse bonnete ba hore o nehelana ka dintlha tse tla etsa hore takatso ya hao e a latelwa.
K. Tsebiso mabapi le qeto ya kopo ya phihlello
Bolela mokgwa (ntle le ho wa poso) oo o lakatsang ho tsebiswa ka wona qeto mabapi le kopo ya hao ya phihlello ya rekoto (Etsa bonnete ba hore o tlatsitse dintlha temaneng ya B ka hodimo)
Tshwaya lebokose le le LENG le leputswa le nepahetseng ka X
Fonofono (Mosebetsi)
Fonofono (Lapeng)
Fekese
E saennwe (Sebaka) ... tsatsing la ... kgweding ya ... 20 ...
TSHAENO YA MOKGATISO/MOTHO EO KOPO E ETSWANG BITSONG LA HAE
KEKETSO: Nako ya matsatsi a 30 a ho sebetsana le kopo a ka atoloswa ka matsatsi a ekeditsweng a sa feteng matsatsi a 30. Ka ho saena mona o se o dumela ka boithaopo hore kopo ya hao ya phihlello e ka atiswa ho tloha matsatsing a 30 ho ya ho a 60.
TSHAENO YA MOKGATISO/MOTHO EO KOPO E ETSWANG BITSONG LA HAE
Lefapha la Naha la Matlo Nomoro ya Tshupiso ya PAIA: PR/200 ... / ...
Kopo e amohetswe ke: Fane le lebitso la Ofisiri ya Tlhahisoleseding/Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding:
Bophahamo: ...
Mohla la: ... (letsatsi, mohlala. 25 Hlakola 2003)
Mona: ... (sebaka).
Tefiso ya kopo (ha e le teng): R ... Nomoro ya Risiti ...
Peheletso (ha e le teng): R ... Nomoro ya Risiti ...
Tefiso ya ho tsoma le/kapa tlhophiso: R ... Nomoro ya Risiti ...
Tefiso ya poso: R ... Nomoro ya Risiti ...
PALOYOHLE R ...
TSHAENO YA OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING/MOTLATSI WA OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING
Annex B : Lefapha la Naha la Matlo: Foromo ya PAIA ya Tsebiso ya Boipiletso ba ka Hare
Senyesemane e tla ba puo e maemong a dikgokahano
TSEBISO YA BOIPILETSO BA KA HARE YA LEFAPHA LA NAHA LA MATLO. Karolo 75 Molao wa Kgothaletso ya Phihlello ya Tlhahisoleseding, 2000 Molao No. 2 wa 2000. Foromo ena e nyalana le foromo e phatlaladitsweng ho Sehlomathiso B. Foromo A ya Melawana No. R 187 Molawana 8 e phatlaladitsweng ho Lesedinyana la Mmuso la 15 Hlakola 2002.: Tsebiso ya Boipiletso ba ka Hare ba lekala la mmuso
No. ya Tshupiso ya Boipiletso ba ka Hare ya PAIA: PA/200 ... / ... (Tshebediso ya Ofisi feela)
No. ya Tshupiso ya Faele ya PAIA: HSP 4/8/2/4/1 ... (Tshebediso ya Ofisi feela)
BOLELA NOMORO YA TSHUPISO YA KOPO YA PAIA YA LEFAPHA LA NAHA LA MATLO:
Dikarolo tsohle tse amehang di a tlama ? hore di tlatswe ka ditlhaku tse ikemetseng ka pene e ntsho
A. Dintlha tsa lekala la mmuso
Romela kapa tlisa foromo e tlatsitsweng ya Boipiletso ba ka Hare ho:
Aterese ya Poso:
Lefapha la Naha la Matlo
Aterese ya Mmila:
Ha e tliswa ka letsoho
Hora tsa Mosebetsi:
Hora tsa kamohelo ya tjhelete:
B. Dintlha tsa mokgatiso/mokga wa boraro ya kenya Boipiletso ba ka Hare
Na o: (Tshwaya lebokose le leputswa le lokelang ka X)
Mokgatiso ka Boyena ya kenyang Boipiletso ba ka Hare HLOKOMELA: Thusa o hokele kgatiso ya Tokomane ya hao ya Boitsebiso ho thibela pepeso e fosahetseng ya tlhahisoleseding ka wena.
Mokgatiso ya kenyang Boipiletso ba ka Hare
Mokgatiso wa Lekala la Mmuso ya kenyang Boipiletso ba ka Hare
Mokgatiso ya kenyang Boipiletso ba ka Hare bitsong la motho e mong
Mokga wa Boraro (ya tsebisitsweng ke NDoH) ya kenyang Boipiletso ba ka Hare kgahlanong le kamohelo ya kopo ya phihlello
Mokga wa Boraro (ya sa tsebiswang ke NDoH) ya kenyang Boipiletso ba ka Hare kgahlanong le kamohelo ya kopo ya phihlello, mohlala, mokgatiso o fumane tumello e ngotsweng ho mokga wa boraro a Dintlha tsa motho ya kenyang Boipiletso ba ka Hare di lokela ho nehelwa mona ka tlase.
b Bopaki ba matla ao boipiletso bo etswang ka ona, ha ho hlokeha, bo tlameha ho hokelwa.
Fane: ...
Mabitso ka Botlalo: ...
Nomoro ya Boitsebiso: ... HLOKOMELA: Thusa o hokele kgatiso ya Tokomane ya hao ya Boitsebiso ho thibela pepeso e fosahetseng ya tlhahisoleseding ka wena.
Aterese ya poso: ...
Nomoro ya Fekese: ( ... ) ... Nomoro ya fonofono (Mosebetsing):( ... ) ...
Nomoro ya fonofono (Hae): ( ... ) ... Nomoro ya Sele: ( ... ) ...
Aterese ya Ngollano ya elek: ...
Matla ao kopo e etswang tlasa ona, ha e le bitsong la motho e mong: (Thusa o bontshe)
Motswadi, Molebedi, Mmuelli wa Molao, Ngaka, Ngwana, Mohlolohadi, Monna ya wetsweng ke ntlo, Mohatsa, E nngwe karolo (hlalosa): ...
Thusa o kenyeletse bopaki ba matla ao o etsang kopo tlasa ona.
C. Dintlha tsa MOKGATISO eo mokga wa boraro a kenyang Boipiletso ba ka Hare kgahlanong le yena
Karolo ena e lokela ho tlatswa FEELA ha o le mokga wa boraro( ho ena le mokgatiso) ya kenyang Boipiletso ba ka Hare.
Fane: ...
Mabitso ka Botlalo: ...
Nomoro ya Boitsebiso: ...
D. Qeto eo ho kentsweng Boipiletso ba ka Hare kgahlanong le yona (Sehlooho sa Boipiletso ba ka Hare)
Tshwaya lebokose le leputswa le lokelang ka X ho bontsha qeto eo ho kentsweng Boipiletso ba ka Hare kgahlanong le yona:
Tlhokomelo ya tatolo ya ho ananela kopo ya phihlello (Ha Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding a hlolehile ho nehelana ka qeto nakong e balletsweng)
Tatolo ya ho ananela kopo ya phihlello
Qeto mabapi le tefiso e balletsweng ya Kopo ho ya ka karolo 22 ya Molao
Qeto mabapi le tefiso e balletsweng ya Peheletso(depositi) ho ya ka karolo 22 ya Molao
Qeto mabapi le tefiso e balletsweng ya Phihlello (tlhahiso, ho tsoma le tlhophiso) ho ya ka karolo 22 ya Molao
Qeto mabapi le katoloso ya nako eo kopo e lokelang ho sebetswa ka yona ho ya ka karolo 26 ya Molao
Qeto ho ya ka karolo 29 ya Molao ya ho latola phihlello ho ya ka mokgwa o kotjwang ke mokgatiso
Qeto ya ho ananela kopo ya phihlello
E. Mabaka a ho kenya Boipiletso ba ka Hare (Mabaka a Boipiletso ba ka Hare)
Ha sebaka seo ho nehelanweng ka sona se haella, thusa o tswele pele leqepheng le leng mme o hokele foromong ena. O lokela ho saena maqephe ohle a tlatsetso.
Bolela mabaka ao Boipiletso ba ka Hare bo theilweng hodima ona (Nehelana ka tlatsetso ya tlhahisoleseding ya mabaka ao o kenyang boipiletso ka ona):
Bolela le efe e nngwe tlhahisoleseding e tsejwang ke moipiletsi e ka tsamaelanng le tshohlo ya boipiletso:
F. Tsebiso ka qeto mabapi le Boipiletso ba ka Hare
O tla tsebiswa ka mongolo (poso) ka qeto ka Boipiletso ba hao ba ka Hare. Ha o lakatsa ho tsebiswa le ka o mong mokgwa, thusa o hlalose mokgwa mme o etse bonnete ba hore o nehelana ka dintlha tse tla etsa hore takatso ya hao e a latelwa.
G. Tsebiso ka qeto mabapi le Boipiletso ba ka Hare
Bolela mokgwa (ntle le ho wa poso) oo o lakatsang ho tsebiswa ka wona qeto mabapi le kopo ya hao ya phihlello ya rekoto (Etsa bonnete ba hore o tlatsitse dintlha temaneng ya B ka hodimo)
Tshwaya lebokose le le LENG le leputswa le nepahetseng ka X
Fonofono (Mosebetsi)
Fonofono (Lapeng)
Fekese
E saennwe (Sebaka) ... tsatsing la ... kgweding ya ... 20 ...
TSHAENO YA MOIPILETSI
HO SEBEDISWA KE LEFAPHA FEELA: REKOTO E MOLAONG YA BOIPILETSO BA KA HARE
Lefapha la Naha la Matlo NO. ya Tshupiso ya Boipiletso ba ka Hare ya PAIA: PA/200 ... / ...
Boipiletso bo amohetswe ke Fane le lebitso la Ofisiri ya Tlhahisoleseding/Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding:
Bophahamo: ...
Mohla la: ... (letsatsi, mohlala. 3 Hlakubele 2003)
Mona: ... (sebaka).
Boipiletso bo felehetswa ke:
Mabaka a qeto ya Ofisiri ya Tlhahisoleseding/Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding le, E/TJHEE
Moo ho tshwanelehileng, dintlha tsa mokga ofe kapa ofe wa boraro oo direkoto di lebisang ho wona, E/TJHEE
Tse kentsweng ke Ofisiri ya Tlhahisoleseding/Motlatsi wa Ofisiri ya Tlhahisoleseding/Molaodi ya Tshwanelehileng:
Mohla la: ... (letsatsi, mohlala. 15 Hlakubele 2003)
Boipiletso bo amohetswe ke: (Fane le lebitso la Molaodi ya Tshwanelehileng):
Bophahamo: ...
Mohla la: ... (letsatsi, mohlala. 16 Hlakubele 2003)
Mona: ... (Sebaka)
DIPHETHO TSA BOIPILETSO:
TIISO YA QETO YA OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING/MOTLATSI WA OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING /
QETO E NTJHA E NKETSENG YA PELE SEBAKA
MOLAODI YA TSHWANELEHILENG LETSATSI (mohlala,15 Hlakubele 2003)
E AMOHETSWE KE OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING/MOTLATSI WA OFISIRI YA TLHAHISOLESEDING/MOLAODI YA TSHWANELEHILENG
Mohla la: ... (letsatsi, mohlala. 20 Hlakubele 2003)
Copyright: Lefapha la Naha la Matlo
Copyright: Lefapha la Naha la Matlo
